BILI
Ho lokisetsa tshireletso, bophelo bo botle le matlafatso ya batho ba hodileng; bakeng sa poloko le phahamiso ya maemo, ditokelo, bophelo bo botle, polokeho le tshireletso ya batho ba hodileng; bakeng sa tlhokomelo ya tse molemong wa bona; ho thehwa le ho ngodiswa ha dibaka tse itseng; bakeng sa bodulo le tlhokomelo ya batho ba hodileng ba dibakeng tseo; le dintlha tse ding tse amanang le tsona.
O ANANELWA ke Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa, ka mokgwa o latelang:-
KETAPELE
JWALOKA Molao wa Motheo wa Afrika Borwa, wa 1996, e le molao o ka hodimo wa Rephaboliki, o ileng wa ananelwa hore ho tle ho thehwe setjhaba se ikamahantseng ka makgabane a demokrasi, toka setjhabeng le moruong, tekano le ditokelo tsa motheo tsa botho le ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba baahi bohle le ho lokolla bokgoni ba batho bohle ka mekgwa yohle e ka kgonehang;
LE JWALOKA bohle ba na le seriti se ahetseng ho bona le tokelo ya hore seriti sa bona se hlontjhwe le ho sireletswa;
LE JWALOKA Mmuso o lokela ho nka mehato ya molao le mehato e meng, ka mehlodi ya ona e teng, ho fihlella tlhompho e tswetseng pele ya tokelo ena;
LE JWALOKA ho nkuwa e le hwa bohlokwa hore diphetoho di kenngwe melaong e nseng e sebetsa e mabapi le batho ba hodileng le hore, jwalo ka mohato wa pele ntjhafatsong ya merero yohle ya batho ba hodileng ba Afrika Borwa, e meng ya melao eo e lokela ho hlaloswa botjha ka morero wa ho etsa hore ho etsa ho be le phihlello, tekano le kgonahalo ya ditshebeleteo bakeng sa batho ba hodileng le ho ba matlafatsa hore ba tswelepele ho phela ka phethahalo le ka tshwanelo setjhabeng se ba bonang e le mehlodi ya bohlokwa ya ntlafatso ya bophelo le tsebo e kenelletseng.
TLHOPHISO YA DIKAROLO
KGAOLO YA I
Tlhaloso, Tshebetso le Tseo Molao o leng Mabapi le Tsona
Ho Netefatsa Tikoloho e Kgontshang le e Tshehetsang Batho ba Hodileng
Tshireletso ya Batho ba Hodileng
KGAOLO YA I
Dipehelo tse Akaretsang le tsa Tlatsetso
KGAOLO YA I
TLHALOSO, TSHEBETSO LE TSEO MOLAO O LENG MABAPI LE TSONA
Ditlhaloso
Molaong ona, ntle le moo maemo a supang ka mokgwa o mong-
i ?tlhekefetso? e bolela ho tlolwa ha ditokelo tsa botho tsa batho ba hodileng le tsa bodulong ke motho kapa batho ba bang le ha e le bafe;
ii ?bophelo bo tsheheditsweng? e bolela boemo boo ho fanwang ka bodulo le ditshebeletso tsa tshehetso bakeng sa batho ba hodileng;
iii ?tlhokomelo? e bolela phano ka thuso mmeleng, kelellong, bodulong le e amehang bathong ba hodileng moo batho ba jwalo ba hodileng ba sa kgone ho iketsetsa, ho kenyelletsa le ditshebeletso tse reretsweng ho kgothalletsa boleng ba bophelo le bophelo ka kakaretso ba batho ba hodileng;
iv ?mohlokomedi? e bolela motho le ha e le ofe ya fanang ka tlhokomelo bathong ba hodileng;
v ?tlhokomelo ya setjhaba le ditshebeletso tsa tshehetso? e bolela ditshebeletso tsa ho phahamiswa le ho boloka tshebetso e ikemetseng ya batho ba hodileng ka hara setjhaba;
vi ?ditsha tsa setjhaba? e bolela ditsha tse thehetsweng ho phahamisa le ho fana ka tlhokomelo ya setjhaba le ditshebeletso tsa tshehetso;
vii ?tlhokomelo motsheare? e bolela tlhokomelo ya batho ba hodileng ba palamiswang tsatsi le leng le le leng ho ya le ho tswa sebakeng seo ba fumantshwang tlhokomelo ho sona;
viii ?Lefapha? le bolela Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba boemong ba naha ba mmuso;
x ?sebaka? moaho o tsamaiswang bakeng sa ho fana ka bodulo, tlhokomelo ya setjhaba, phumantsho ya matlo, tlhokomelo le ditshebeletso tsa tshehetso ya batho ba hodileng mme o kenyelletsa dihlopha tsa theko ya dijo, tshehetso ya bodulo le dibaka tsa tshireletso.
xi ?tlhokomelo ya ba fokolang? e bolela phano ka ditshebeletso ho lokisetsa bophelo ba bodulong, setjhabeng le moyeng wa batho ba fokolang;
xii ?motho ya fokolang? e bolela motho ya hodileng, eo boemo ba hae mmeleng kapa kelellong bo etsa hore a hloke tlhokomelo dihora tse 24 ka tatellano;
xiii ?tlhokomelo ya ka lapeng? e bolela phano ka ditshebeletso ke bahlokomedi ba batho ba hodileng ba hlokang tlhokomelo ya ka nako tsohle kapa ya nakwana eo a kekeng a e fumantshwa ke ditho tsa lelapa la hae kapa molekane hore ho tle ho phahamiswe, busetswe le ho boloka maemo a hodimo a motho a bolokolohi, tshebetso le bophelo bo botle;
xv ?motsamaisi? e bolela motho ya ikarabellang tsamaisong ya tsatsi le leng le le leng ya sebaka kapa tshebeletso;
xvi ?Letona? e bolela Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba boemong ba naha ba mmuso;
xvii ?motho ya hodileng? e bolela banning, ya dilemo di 65 tsa kgolo, mme basading ya dilemo di 60 tsa kgolo kapa ho feta;
xviii ?motho ya hodileng a hloka tlhokomelo le tshireletso? e bolela motho eo ho buuwang ka yena karolong ya 205;
xix ?mokgatlo? o bolela mokga, sehlopha kapa setlamo sa batho, setsha, federeishene, sosaiti, mokgatlo, terasete kapa letlole, o kopantsweng kapa o sa kopanngwang, le hore o thehilwe kapa tjhe kapa o ngodisitswe ho latela molao, o hlokomelang, tshehetsang kapa thusang ka ditlhoko tsa batho ba hodileng;
xx ?monga? e bolela motho, batho kapa mekgatlo o nang le sebaka kapa tshebeletso eo ho buuwang ka yona Molaong ona;
xxii ?laetswe? e bolela hore e laetswe ka molawana o ka tlasa Molao ona;
xxiii ?mofani ka tlhokomelo ya bophelo bo botle wa profeshenale? e bolela motho ya fanang ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle ho latela molao le ha e le ofe;
xxiv ?provense? e bolela provense e thehilweng ho latela karolo ya 103 ya Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996;
xxv ?tlhabollo? e bolela mokgwa wa ho etsa batho ba hodileng ba hlabollohe kgoheding, ho kuleng, ho robatswa sepetlele kapa ho tshwareheng hampe;
xxvii ?ditshebeletso? e bolela ketsahalo le ha e le efe kapa lenaneo le reretsweng ho kgotsofatsa ditlhoko tsa batho ba hodileng mme e kenyelletsa tlhokomelo ya ka lapeng le ditshebeletso tsa tshehetso;
xxviii ?sebaka sa tshireletso? e bolela moaho kapa sebaka se boloketsweng kapa sebedisetswang ho amohela, sireletsa le tlhokomelo ya nakwana ya batho ba hodileng ba hlokang tlhokomelo;
xxix ?mosebeletsi wa setjhaba? e bolela motho le ha e le ofe ya ngodisitsweng e le mosebeletsi wa setjhaba tlasa Molao wa Diprofeshene tsa Ditshebeletso tsa Setjhaba, wa 1978 Molao wa 110 wa 1978;
xxx ?Molao ona? o kenyelletsa taelo le ha e le efe e entsweng tlasa karolo ya 23;
xxxi ?mokgatlo wa thekolohelo? e bolela mokgatlo o fanang ka ditshebeletso ho batho ba hodilengntle le phaello le ho kenyelletsa khampani kapa setlamo sa batho se thehetsweng setjhaba le lekeno le thepa ya sona e sa fetisetsweng ho ditho tsa sona kapa ba dikantorong tsa sona ntle le ka moputso bakeng sa ditshebeletso tse fanweng, ho kenyelletsa le mokgatlo o se nang phaello o thehilweng ho latela Molao wa Mekgatlo e sa Etseng Phaello, wa 1997 Molao wa 71 wa 1997
Tshebediso ya Molao
Molao ona o sebetsa bathong ba hodileng bohle, motho ka mong, lelapa, Mokgatlo o sa Etseng Phaello, mokgatlo wa thekolohelo le mokgatlo o nang le seabo tlhokomelong ya motho kapa batho ba bangata ho feta bonngwe.
Molao ona o sebetsa ho phatlalla le Rephaboliki ya Afrika Borwa.
Dipehelo tsa Molao ona di sebetsa ka ho lekana dibakeng tsa Mmuso le tse tsamaisong ya Mmuso.
Tshebetso ya Molao ona bathong bao e seng baahi ba Afrika Borwae tla ba ho ya ka tumellano e tekennweng pakeng tsa Rephaboliki ya Afrika Borwa le naha eo motho eo a hlahang ho yona.
Merero ya Molao
Merero ya Molao ke ho-
a boloka le ho kgothaletsa maemo a batho ba hodileng;
b ho boloka le ho kgothaletsa bophelo bo botle, polokeho le tshireletso ya batho ba hodileng;
c ho boloka le ho kgothaletsa tlhokomelo le kgahleho tsa batho ba hodileng;
d ho laola ngodiso ya dibaka tsa batho ba hodileng;
e ho beha leihlo le lekola tsamaiso e ikamahantseng le Molao, melawana le Bonyane ba Maemo a Ditshebeletso;
f ho beha leihlo tshebetso tsa dibaka tseo le ditshebeletso;
g ho etsa diketso tse ding tse etswang ho batho ba hodileng e be tlolo ya molaoj le h ho fedisa tlhekefetso ya batho ba hodileng le tsamaisa pheko le tshebetso ya molao karabelong ya tsona;
Mananeo a ntshetsopele ya Batho ba Hodileng
Letona, ditherisano le Letona le ha e le lefe leng le tshwanelehileng, le ka theha kapa la etsa ho thehwe kapa la fana ka tshehetsoho mekgatlo e tsamaisang mananeo a reretsweng-
a kananelo ya phehiso setjhabeng, sethong, moruong le dipolotiking ya batho ba hodileng;
b bonkakarolo ba batho ba hodileng ho nkuweng ha diqeto maemong ohle;
c phihlello ya tsebiso, thuto le kwetliso ya batho ba hodileng;
d ntshetsopele ya batho ba hodileng dibakeng tsa mahae, bojaking le phallelo ho ya metseng ya ditoropo le kgahlamelo ya seo bathong ba hodileng;
e tshireletso le kgothaletso ya ditokelo tsa batho ba hodileng;
f ho thehwa ha ditlwaelo le maemo bakeng sa dikhampani tse rekisang dipholisi tsa mafu le ho fana ka dikadimo tsa ditjhelete ho batho ba hodileng;
g tshebediso ya meano e teng bakeng sa batho ba hodileng e le ditsha tsa merero e mengata le ntshetsopele ya mekgwa e kopantsweng ya tlhokomelo le tshireletso;
h phano ka bodulo ba motheo bo theko e tlase bakeng sa batho ba hodileng ho kenyelletsa le thuso ka bodulo le sebaka sa tshireletso sa bona;
i phano ka tlhokomelo le ditshebeletso bathong ba hodileng ba dibakeng tsa mahae le dibakeng tse hlokang menyetla;
j phihlello ya batho ba hodileng ya dibaka tsa bophelo bo botle, thekolohelo le tshehetso hore ho tle ho be le kgonahalo ya hore batho ba hodileng ba boloke kapa fumane hape boemo bo hodimo ba bophelo mmeleng, kelellong le moyeng le ho phela ka tlhompho setjhabeng;
k ho thehwa ha morero wa diphuputso boemong ba naha le marangrang a dikgokahano bathong ba tsofalang;
l ho thehwa ha menyetla ya mesebetsi bakeng sa batho ba hodileng;
m ho thehwa ha menyetla ya boithapollo ba batho ba hodileng;
n ho kgaotswa ha ho lefa direiti tsa thepa le lekgetho; le o phumaneho le phihlello ya dipalangwang tsa mahala bathong ba hodileng.
HO NETEFATSWA HA TIKOLOHO E KGONTSHANG LE E TSHEHETSANG BAKENG SA BATHO BA HODILENG
Phano ka dibaka le ditshebeletso le tefello ya ditshehetso bakeng sa dibaka le ditshebeletso mekgatlong le mekgatlong ya thekolohelo
Setho sa Lekgotla la Phethahatso sa provense se ikarabellang ditabeng tsa thekolohelo ka hara provense, ka kabo e fuweng yena ke lekgotla la ketsamelao la provense bakeng sa sena, se ka lokisetsa-
a dibaka le ditshebeletso bakeng sa batho ba hodileng; le b thuso ya dibaka le ditshebeletso tsa mekgatlo eo e seng ya mmuso le makala a mang a mmuso bakeng sa phano ka dibaka tsena le ditshebeletso.
Ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona di lokela ho tsamaelana le ditlwaelo le maemo bakeng sa ditshebeletso tse jwalo ho ya ka dipehelo tsa Letona ka mora ditherisano le Komiti ya Letona le DLP tsa Ntshetsopele ya Setjhaba, Komeshene ya Ditjhelete le Letona la tsa Ditjhelete.
Maemo ao dithuso tsa meaho le mekgatlo di etswang tlasa ona
Ha e le hore thuso ya ditjhelete e lefuwa ho latela karolo ya 5, Letona le lokela ho fana ka maemo a tshebediso a thuso eo, ho kenyelletsa le dipehelo mabapi le dibuka tsa ditjhelete bakeng sa thuso e lefuweng.
Mokgatlo ofe kapa ofe oo thuso e lefuweng ho ona ho ya ka karolo 5 o lokela ho sebedisa, le ho ikarabella bakeng sa thuso ho ya ka dipehelo tse hlahellang karolwaneng ya 1.
E bang pehelo e hlahellang karolwaneng ya 1 ho sa ikamahanngwa le yona, letona ka mora tlhokomediso ya kgwedi pele le ka etsa jwalo, le tla hula tshehetso e jwalo.
Mokgatlo le ha e le ofe o lefuweng tshehetso ho ya ka karolo ya 5 o tla ikarabella ho busetsweng ha tjhelete e sebedisitsweng kgahlano le pehelo e hlahellang karolong ya 1.
Thibelo ya tshebetso ya sebaka se sa ngodiswang, le ngodiso ya sebaka se jwalo
Ha ho na ho ba le mokgatlo kapa motho ya tlang ho tsamaisa sebaka, ntle le sebaka se tsamaiswang ke Mmuso, ntle le hore sebaka se jwalo se ngodisitswe tlasa karolo ena.
E bang mokgatlo ofe kapa ofe kapa motho a batla ho bula sebaka mokgatlo oo kapa motho, ka mokgwa o laetsweng, a etsa kopo ho Letona bakeng sa ngodiso ya ona.
Ka mora tekolo ya kopo eo ho buuwang ka yona ho karolwana ya 2 Letona le ka-
a hana kopo kapa la fana ka yona ho ya ka dipehelo tseo a tlang ho di beha, mme ha a fana ka tumello, a laela hore ho ntshuwe lengolo la ngodiso le hlalosa dipehelo tseo ho mokopi foromong e laetsweng; kapa b ho latela maemo ao a tla beng a a behile, a ka hlalosa, a fana ka matla ho moikopedi ho sebetsa ka sebaka bakeng sa nako e sa feteng dikgwedi tse leshome le metso e mmedi, jwalo ka ha Letona le ka hlalosa, le laela hore lengolo la nakwana la ngodiso le fanang ka dipehelo tseo le fuwe moikopedi ka foromo e lokiseditsweng hona bakeng sa nako eo, mme ka mora pheletso ya nako eo, kapa ka mora ngodiso ka moikopedi ka mokgwa o behuweng hore pehelo e boletsweng e latetswe, le ha e le hofe ho tlang pele, a ka ananela kopo.
Letona nakong e nngwe le e nngwe ka mora tlhokomediso ya kgwedi ka maikemisetso a lona, le ka mora tekolo ya dintlha tseo ho fanweng ka tsona ho lona kgweding eo, le ka nna la lokisa kapa hlakola lengolo la ngodiso le ntshitsweng ho latela karolwana ya 3a, ho latela dipehelo tsa karolwana ya 5.
Tokiso kapa tlhakolo ya lengolo le jwalo la ngodiso e lokela ho etswa ka tlhokomediso ya monga lona, mme le lokela ho qala ho sebetsa ka letsatsi le hlahellang tlhokomedisong, nako e seng dikgwedi tse tharo pele ho tloha tsatsing la tlhokomediso, ntle le ha Letona le monga lengolo la ngodiso ba dumellane ka mokgwa o mong.
Mokgatlo kapa motho eo lengolo la ngodiso le fuweng yena ho ya ka karolwana ya 3, a keke a le fetisetsa ho mokgatlo o mong kapa motho ofe kapa ofe.
Ha ngodiso ya sebaka e hlakotsweho latela karolwana ya 4, kapa monga sebaka a lakatsa ho se kwala ka baka le ha e le lefe, o tla lokela ho nka mehato e hlokehang ho netefatsa hore ho kwalweng ha sebaka se jwalo batho ba hodileng ba sebakeng se jwalo ba fumantshwa bodulo sebakeng se seng kapa le batho ba bang, bao ho ya ka maikutlo a mosebeletsi wa setjhaba, ba loketse ho ka dudisa motho ya hodileng kapa batho ba hodileng.
Motsamaisi wa sebaka seo hang hang pele ho ho qala ha karolo ena ho thuswa ka ditjhelete ke Mmuso, o tla lokela ho se ngodisa nakong ya dikgwedi tse 12 tsa ho qala ha karolo ho latela dipehelo tseo Letona le ka di hlalosang.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa ya sa ikamahanyeng le dipehelo tsa lekala lena, kapa taelo e behuweng tlasa ona, o molato wa ho tlola molao.
Tsebiso ya ho thewa ha ditsha tsa setjhaba, dihlopha tsa theko ya dijo kapa phano ka tlhokomelo ya lapeng kapa ditshebeletso tse jwalo
Motho ofe kapa ofe kapa mokgatlo o tsamaisang setsha sa setjhaba kapa sehlopha sa theko ya dijo kapa ya fanang ka tlhokomelo ya ka lapeng kapa ditshebeletso tse jwalo ho batho ba hodileng, o lokela ho tsebisa Letona ka lengolo ka boteng ba setsha se jwalo, sehlopha kapa tshebeletso.
E bang setsha se jwalo, sehlopha kapa tshebeletso e lakatsa ho etsa kopo ya tshehetso, monga yona o lokela ho etsa kopo ya ngodiso, foromo e loketseng, ya setsha se jwalo, sehlopha kapa tshebeletso.
Motho ofe kapa ofe eo, ntle le ho hlokomedisa Letona jwalo ka ha ho hlahella karolwaneng ya 1, a fane ka bodulo bathong ba fetang ba tsheletseng bakeng sa tlhapiso, o molato wa ho tlola molao.
Peho ya leihlo ya tshebetso ho ya ka molao ka dipehelo tsa ngodiso ya dibaka
Ha ho ka etsahala hore ho na le lebaka la ho dumela hore dipehelo tse hlahellang karolong ya 7 ha di a latelwa, Letona le ka laela hore mehato e itseng ka ho qolleha e nkuwe ho etsa hore ho boikamahanyo le dipehelo tseo bo be teng.
Monga sebaka o lokela, ka nako tsohle tse loketseng a tlalehele Letona maemo le ha e le afe a ka etsang ho se be kgonahalo ya hae ya boikamahanyo ka ho phethahala ho ya ka dipehelo tse hlahellang karolong ya 73.
Ha ngodiso ya sebaka e ile ya hlakolwa ho latela karolo ya 74, kapa monga sebaka a lakatsa ho se kwala kapa ho se fetisa ka lebaka lefe kapa lefe, monga sona o lokela-
a pele ho qeto ya ho se kwala kapa ho se fetisa, a ikopanye le Letona ka taba ena;
b a fane ka tlaleho e felletseng ka mehato e nkuweng ka bokamoso ba bodulo ba batho ba hodileng ba amehang ho ya ka karolo ya 77;
c bonyane dikgwedi tse tsheletseng pele ho ho kwala kapa ho fetiswa ha sebaka, ka lengolo, o tla tsebisa batho ba hodileng ba amehang le Letona ka ho kwalwa kapa phetisetso e jwalo; le d ho fana ka thepa yohle a e rekileng ka ditjeho tsa Mmuso kapa tseo ho fanweng ka tsona ho Mmuso ka mohopolo o tobileng wa ho thusa batho ba hodileng.
Ho thehwa ha dikomiti tsa badudi ba dibaka
Ha ho na le batho ba fetang 10 ba hodileng ba dulang sebakeng se itseng, komiti ya badudi e emetseng badudi e lokela ho thehwa.
Letona le lokela ho laela-
a sebopeho sa komiti kanngwe ya badudi ho thehwa tlasa karolo ya 1, e lokelang ho kenyelletsa moemedi wa badudi le ditho tsa basebetsi ba sebaka se amehang mme e ka nna ya kenyelletsa le ditho tsa setjhaba;
b ho kgethwa le ho thonngwa, mangolo a thuto, nako ya kantoro, le mabaka a ho ntsha kantorong ya ditho tsa komiti eo le ho tlatswa ha dikgeo tsa komiti; le c lenane la, mokgwa wa tshebetso wa komiti eo.
Kamohelo sebakeng
Ha ho na motho ya tlang ho kgethollwa ka ho toba kapa ho se tobe kgahlano le motho ya etsang kopo ya ho amohelwa sebakeng ka lebaka kapa ho feta a hlahellang karolong ya 9 ya Molao wa Motheo.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang dipehelo tsa karolo 1 o molato wa ho tlola molao mme ho sa natswe karolo 22, o tla fuwa kotlo kapa a kwallwe tjhankaneng nako e sa feteng dilemo tse hlano, kapa a fuwe bobedi kotlo le ho kwallwa tjhankaneng.
Tlhokeho ya sebaka se kenyelletsang merabe yohle ya Afrika Borwa e tla lokelwa ho hlokomelwa ha ho shejwa kamoheleho sebakeng.
Kamohelo sebakeng e tla ba ka maemo tlhokeho ya boikemelo ho ya ka sesebediswa sa semolao sa tlhahlobo.
Ha e le hore motho ha a amohelwe sebakeng, motsamaisi wa sebaka seo o lokela, ka kopo ya motho eo, ho fana ka mabaka a ho hanela motho eo.
Dibaka tsohle di lokela ho ba le leano la ho amohela, moifo wa kamohelo le mokgwa wa boipiletso bakeng sa baikopedi ba sa atlehang.
Peho ya leihlo
Mosebeletsi wa setjhaba ya tshebetsong tlasa Mmuso kapa motho le ha e le ofe ya behuweng ke Molaodi Kakaretso a, ka mora ho kotjwa ho etsa jwalo ke Molaodi Kakaretso, a-
a etela le ho beha leihlo sebaka kapa tulo le ha e le efe moo batho ba hodileng ba hlokomelwang kapa ho fuwa bodulo bakeng sa moputso, e leng ka tjhelete kapa thepa, kapa sebaka le ha e le sefe seo mosebeletsi wa setjhaba ka mabaka a utlwahalang a dumelang hore ke sebaka se jwalo kapa tulo.
b buisana le motho le ha e le ofe ya hodileng kapa ya fokolang ya dulang sebakeng se jwalo kapa tulo.
c ka thuso kapa e seng ka thuso ya mofani ka tshebeletso ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ya seprofeshenale a botsa ka bophelo ba motho ya jwalo.
d laela motho ofe kapa ofe ya nang le buka kapa tokomane e mabapi le sebaka se jwalo kapa tulo, ho fana ka buka kapa tokomane e jwalo ho yena hore a e hlahlobe.
Mosebeletsi wa setjhaba ya sebedisang matla a hae ho latela karolo 1 , ka kopo ya motsamaisi wa sebaka se amehang kapa motho ya laolang sebaka se amehang, o lokela, jwalo ka ho hlokeha, a fane ka lengolo le ntshitsweng ke Molaodi Kakaretso le hlalosang hore o na le mohlanka ya jwalo.
Motho ofe kapa ofe ya thibelang kapa ho sitisa mosebeletsi wa setjhaba tshebedisong ya matla a hae ho latela karolo 1, kapa ya hanang ho mo fa sebaka ho latela kopo ya hae, ho buisana le motho ya hodileng kapa ya fokolang ya dulang sebakeng kapa tulong e boletsweng karolong ya 1, kapa ya hanang kapa ya hlolehang ho ikamahanya le taelo ho latela karolwana ya 1d, o molato wa ho tlola molao.
Pehelo ya Letona ke batsamaisi ba dibaka
Motsamaisi wa sebaka o lokela hore nakong ya matsatsi a 60 ka mora ho fela ha selemo sa ditjhelete sa sebaka seo a fe letona pehelo ka-
a boikamahanyo le-
i mameo a ditshebeletso a behuweng; le ii mehato e behuweng ho thibela le ho laola tlhekefetso ya batho ba hodileng, nakong ya selemo seo sa ditjhelete; le c dipehelo tsa maemo a behuweng a ditumellano ka ditshebeletso, a phethetsweng selemong seo sa ditjhelete.
Ha motsamaisi wa sebaka sa hloleha ho fana ka tlaleho ho latela karolwana ya 1, Letona le ka-
a fana ka tsebiso ho motsamaisi hore ha pehelo e jwalo e sa kene nakong ya matsatsi a 90 ka mora letsatsi la tsebiso eo, tshehetso efe kapa efe e lefuweng bakeng sa sebaka seo ho latela karolo 5 e ka hulwa; mme b ha e le hore pehelo ha e so kenngwe matsatsing a 90 ka mora mohla wa tsebiso ho ya ka seratswana sa a, le ka hula tshehetso ka mora ho fana ka tsebiso ya ho etsa jwalo nakong ya kgwedi.
TSHIRELETSO YA BATHO BA HODILENG
Ditokelo tsa Bato ba Hodileng dibakeng tsa tshireletso
Motho ya hodileng ya dulang sebakeng sa tshireletso o na le tokelo ya ho-
a thonya moemedi ho mo emela;
b a ka ba le thuso e utlwahalang le ho ka eta;
c a ka ba le phihlello e phethahetseng ya direkoto tsa hae;
d boloka le ho sebedisa dintho tsa hae;
e a fihlella tlhokomelo ya mantlha;
f tseba ka maemo a ditjhelete a sebaka le diphetoho tsamaisong;
g nka karolo ka boikgethelo diketsong tsa bodulong, bodumeding le setjhabeng;
h ho ba le monyetla wa ho ba inotshi;
i ho ba le ngaka eo e leng ya hae ebang a ka ba le bokgoni; le j ho fuwa bonyane matsatsi a 30 pele a ka lebiswa nqenngwe kapa ho tsamaiswa;
Thibelo ya tlhekefetso ya batho ba hodileng
Motho ofe kapa ofe ya hlekefetsang motho ya hodileng o molato wa ho tlola molao, ho sa kgathalesehe karolo ya 22, ha a ka fumanwa a le molato a ka fuwa kotlo kapa ho kwallwa nako e sa feteng dilemo tse hlano, kapa bobedi kotlo eo le ho kwallwa ho jwalo.
Mokgwa wa ho isa motho ya fanang ka bodulo kapa ya hlokomelang motho ya hodileng kapa ya fokolang ka pela makgistrata
Ha mosebeletsi wa setjhaba kapa mofani ka tlhokomelo profeshenale a ka fana kapa a etsa setatemente se ngotsweng tlasa kano ho Motjhotjhisi wa Setjhaba, mme setatementeng se jwalo ho qoswa ka hore motho ofe kapa ofe sebakeng sa matla a lekgotla la makgistrata seo Motjhotjhisi wa Setjhaba a leng ho sona-
a o fane ka bodulo kapa o hlokomela motho ya hodileng kapa ya fokolang sebakeng seo e seng kapa se ka bang kotsi ho yena mmeleng kapa kelellong;
b ho bonahala a iketsetsa ho motho ya hodileng kapa ya fokolang ka ho fumana moputso o mongata haholo, ka tjhelete kapa thepa, bakeng sa bodulo kapa tlhokomelo ya motho ya jwalo sebakeng seo e seng sa hoo,
Motjhotjhisi eo wa Setjhaba, ho latela dipehelo tsa karolwana ya , a ka kopa mongodi wa lekgotla leo ho ntsha disamani tse bitsang motho wa pele ho bolelwa ho hlaha, ka nako le sebaka se boletsweng moo, pela makgistrata sebakeng seo, le ho mo tsebisa ka ha diqoso tse kgahlano le yena.
Motjhotjhisi wa Setjhaba ha a ya lokela ho latela karolwana ya 1 a kope tlereke ya lekgotla la dinyewe ho ntsha disamani ntle le hore o fumane tlaleho ho tswa ho mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka ka bodulo kapa tlhokomelo ya motho ya hodileng kapa ya fokolang eo ho buuwang ka yena.
Ha ho etsahala ka lebaka la setatemente tlasa kano se hlahellang karolwaneng ya 1 Motjhotjhisi wa Setjhaba o na le lebaka la ho nahanela hore mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka o tla thibelwa kapa hanelwa ho ya kapa ho keneng sebakeng seo motho ya hodileng kapa ya fokolang eo ho buuwang ka yena a dulang kapa a hlokomelwang teng ho ya etsa diphuputso tse hlokehang hore a tle a a fane ka pehelo e hlahellang karolwaneng ya 2, kapa mohlanka ya jwalo o ile a thibelwa kapa a hanelwa ho etsa jwalo, makgistrata ya bolelwang ka kopo ya Motjhotjhisi wa Setjhaba a ntsha lengolo le fanang ka matla ho mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka ho ya kapa ho kena sebakeng seo bakeng sa diphuputso tse jwalo.
Makgistrata ka lengolo le ntshitsweng ke yena ho latela karolwana ya 3 o fa matla mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka ho tsamaya le mohlanka wa sepolesa ho ya diphutsong tse hlahellang karolwaneng e bolelwang.
Dipehelo tsa Molao wa Tsamaiso ya tsa Botlokotsebe wa 1977 wa 51 wa 1977, mabapi le foromo le mokgwa wa tshebetso ya disamani dinyeweng tsa botlokotsebe makgotleng a manyane a dinyewe, nako e lokelang ho fuwa batho ba bitsitsweng ho tla hlahella ka pela lona, ho ka sebetswa ka yona ha ba hloleha ho hlahella kapa ho dula ba ntse ba le teng, jwalo ka ho hlokeha, o sebetsa ka diphetoho tse loketseng tse mabapi le disamani tse ntshitsweng ho ya ka karolwana ena.
Motho ofe kapa ofe ya thibelang kapa ya sitisang mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka wa profeshenale ho phetheng mesebetsi ya hae ho ya ka karolo ena kapa a hana ho fana ka tsebiso ho mosebeletsi wa setjhaba kapa mohlokomedi wa bongaka wa profeshenale ha a e kopile e mabapi le bodulo kapa tlhokomelo ya motho ya hodileng kapa ya fokolang ya dulang ho yena eo mohlanka ya jwalo bakeng sa morero wa diphuputso jwalo ka ha ho hlahella karolwaneng ya 3, o molato wa ho tlola molao.
Dipatlisiso ka bodulo kapa tlhokomelo ya motho ya hodileng kapa ya fokolang
Ho latela dipehelo tsa karolo ena makgistrata eo motho ofe kapa ofe a hlahellang ka pela hae ho latela karolo ya 16 o lokela ho batlisisa ka nepahalo kapa ho se nepahale ha menyenyetsi e hlahellang disamaning tseo ho buuwang ka tsona.
Motjhotjhisi wa Setjhaba kapa motho le ha e le ofe ya behuweng ke makgistrata bakeng sa ho hlahella dipatlisisong a ka bitsa dipaki le ho botsisia dipaki le ha e le dife tse fanang ka bopaki.
Motho eo menyenyetsi ena e entsweng ka yena, a ka fana ka bopaki le hore yena kapa moemedi wa hae wa semolao, a ka botsisisa dipaki le ha e le dife tse bitsitsweng ho ya ka karolwana ya 2, le ho bitsa dipaki mme o lokela ho fuwa monyetla ho fana ka mabaka a hore hobaneng taelo e sa lokelang ho ntshuwa tlasa karolwana ya 10.
Ho ya ka ntho le ha e le efe e kgahlano le e hlahellang Molaong ona, molao o mabapi le botlokotsebe o tla sebetsa le ditokiso tse hlokehang ho latela diphetoho tse hlokehang ho ya ka supina, ho bitswa le ho botswa ha dipaki bakeng sa kapa dipatlisisong, ho nkuwa ha bopaki le tlhahiso ya ditokomane le tse ding tse teng moo, le ho lefuwa ha ditjhelete tse thusang dipaki.
Diketsahalo dipatlisisong di lokela ho etswa lekgotleng le buletsweng bohle la dinyewe kapa le sa bulelawang bohle.
Dipehelo tsa karolo 1591 tsa Molao wa Tsamaiso ya tsa Botlokotsebe, 1977 Molao wa 51 wa 1977, ha di le mabapi le boitshwaro lekgotleng la dinyewe tsa botlokotsebe moo moqosuwa a leng siyo, o tla sebetsa ka diphetoho tse hlokehang ho ya ka dipatlisiso tse ileng tsa tshwarwa ho latela karolo ena.
Dipehelo tsa karolo ya 108 ya Molao wa Makgotla a Dinyewe a Bokgistrata, 1944 Molao wa 32 wa 1944, o tla sebetsa ka diphetoho tsa ona tse hlokehang ho latela diketsahalo tse mabapi le patlisiso tse tshwerweng ho ya ka karolo ena.
Pehelo e hlahellang karolong ya 162 e lokela ho kenngwa ho makgistrata ya tshwereng dipatlisiso ya ka laelang ngaka ya setereke, kapa ngaka ya mahloko a kelello kapa moeletsi wa tsa mahloko a kelello ho hlahloba motho ya hodileng kapa ya fokolang ya amehang le ho fana ka pehelo ka tseo a di fumaneng.
Dikateng tsa pehelo di ka kenngwa kapa tsa fanwa ho latela karolwana ya 8 di tla lokela ho tsebiswa motho eo menyenyetsi e leng kgahlano le yena, mme ha a batla, yena kapa moemedi wa hae wa molao o tla lokela ho fuwa monyetla wa ho botsisisa motho ya entseng pehelo, ho latela dintlha tse hlahellang pehelong, le ho hanana le menyenyetsi e hlahellang moo.
Ha e le hore ka mora ho lekodisisa bopaki le pehelo e kentsweng kapa eo ho fanweng ka yona ho latela karolo ya 8, ho bonahala ho makgistrata eka monyenyetsi ofe kapa ofe kgahlano le motho ya amehang e nepahetse, makgistrata a ka-
a thibela motho eo ho fana ka bodulo kapa ho hlokomela motho ya hodileng kapa ya fokolang ya amehang ntle feela le ha a ka ikamahanya le dipehelo le ho ya ka ditlhoko tseo makgistrata a ka di behang;
b thibela motho eo ho fana ka bodulo kapa ho hlokomela motho ya hodileng kapa ya fokolang nakwana, empa e sa feteng dilemo tse leshome, ho ya ka moo makgistrata a ka laelang ka teng.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa a sa ikamahanye le pehelo, tlhoko kapa thibelo e entsweng ho ya ka karolo ya 10 o molato wa tlolo ya molao, ho sa kgathalatsehe karolo ya 22, a ka lefiswa kapa a kwallwa dilemo tse sa feteng tse hlano, kapa a fuwa bobedi tefiso le ho kwallwa ho jwalo.
Tsebiso ka tlhekefetso ya batho ba hodileng
Kaofela ngaka tsa meno, dingaka, baoki le basebeletsi ba setjhaba ba ngodisitsweng kapa motho ofe kapa ofe ya hlahlobang, phekolang kapa ya sebetsang ka motho ya hodileng mme a na le kgwao ya hore motho eo ya hodileng o-
a o hlekefeditswe; kapa b o lemaditswe ke se amanang le tlhekefetso, o lokela ho tsebisa Molaodi Kakaretso hanghang.
Ho fumaneng ha hae tsebiso ho ya ka karolwana ya 1, Molaodi Kakaretso o-
a tla ntsha lengolo, ka foromo e lokiseditsweng hoo le mofuta oo, hore ho tloswe motho ya hodileng ya amehang ho iswa sepetlele ha a lemetse kapa dibakeng tseo yena Molaodi Kakaretso a tlang ho di hlalosa;
b a hlophise hore motho ya jwalo ya hodileng o fumana kalafo e hlokehang.
Ha ho na ngaka efe kapa efe ya meno, ngaka, mooki, mosebeletsi wa setjhaba kapa motho e mong a sa tlo tshepahala ka ho ntsha tsebiso e tla be e le ka botshepehi ho latela karolwana ya 1.
Ngaka ya meno efe kapa efe, ngaka, mosebeletsi wa setjhaba kapa motho e mong ya hlolehang ho ikamahanya le karlo ya 1 e molato wa tlolo ya molao, ho sa natswe karolo ya 22, a ka lefiswa kapa a kwallwa nako e sa feteng dilemo tse hlano, kapa bobedi tefiso le ho kwallwa ho jwalo.
Poloko ya rejistara ya tlhekefetso ya batho ba hodileng
Letona ho latela mokgwa o behuweng le ka boloka-
a rejistara ya ditsebiso tlohle ho ya ka karolo ya 181, ha mmoho le dintlha tse mabapi le tsebiso ka nngwe;
b rejistara ya batho ba fumanweng ba le molato wa tlhekefetso ya batho ba hodileng.
Motho le ha e le ofe eo lebitso la hae le hlahellang direjistareng tse hlahellang karolwaneng ya 1 o a thibelwa ho bula hape kapa ho tsamaisa sebaka se fanang ka tlhokomelo le ditshebeletso bathong ba hodileng.
Peho ya hore motho ya hodileng o hloka tlhokomelo le tshireletso
Mohlokomedi ofe kapa ofe, ngaka, mooki kapa motho ofe kapa ofe ya tlhokomelong ya batho ba hodileng boemong ba hae ba profeshenale eo ka tjhebo ya hae a qetang hore motho ya hodileng o hloka tlhokomelo kapa tshireletso o tla lokela ho tlaleha qeto e jwalo ho Molaodi Kakaretso.
Motho ofe kapa ofe ya hlokomelang hore motho ya hodileng o hloka tlhokomelo kapa tshireletso a ka tlaleha tumelo eo ho mosebeletsi wa setjhaba.
Molaodi Kakaretso kapa mosebeletsi wa setjhaba eo pehelo e neng e etswa ho yena o lta lokela ho etsa tlhahlobo ya pele ho pehelo ka ho fuputsa taba ena.
Ebang pehelo e netefaditswe ke diphuputso, Molaodi Kakaretso kapa mosebeletsi wa setjhaba o tla lokela ho nka mehato e loketseng ho netefatsa hore phano ka ditlhoko tsa mantlha le tshireletso ya motho ya hodileng o a di fumantshwa.
Motho ya hodileng ya hlokang tlhokomelo le tshireletso ke ya-
a eo penshene ya hae ya boqheku e nkuwang a sa rate;
c ya sa kgathallweng kapa ya siuweng feela ntle mekgwa e bonahalang ya tshehetso;
d ya phelang kapa a sebetsa mebileng kapa a tsamaya a kopa ho ka iphedisa;
e eo e leng lekgoba la sethetefatsi mme a se na tshehetso kapa pheko bakeng sa bokgoba boo;
f ya phelang dibakeng tse ka bang kapa etsang hore hohelwe thobalanong, a nkuwe ka sheshe kapa a hlekefetswe ka thobalano;
g ya dulang kapa dibakeng tse bulehileng tse ka mo ntshang kotsi motho eo ya hodileng mmeleng kapa kelellong;
h ya boemong ba ho se kgathallehe mmeleng kapa kelellong kapa bodulong; kapa i ya kileng a hlekefetswa kapa ya ntseng a hlekefetswa.
KGAOLO YA I
DIPEHELO TSE AKARETSANG LE TSA TLATSETSO
Boemedi
Letona le ka-
a fana ka matla afe kapa afe a boemedi ho mohlanka ofe kapa ofe wa Lefapha ao a filweng Letona ke Molao ona, ntle le matla tlasa karolo 23 e leng a ho etsa melawana;
b fana ka matla ho mohlanka ya jwalo ho etsa mosebetsi o fuweng Letona ke Molao ona;
Letona, ka tumellano le Tonakgolo ya provense, le ka-
a fana ka matla ho setho sa Lekgotla la Phethahatso sa provense eo se ikarabellang ditabeng tsa thekoloheloka hara provense matla afe kapa afe a fuweng Letona ke Molao ona, ntle le matla tlasa karolo 23 ho etsa melawana;
b a fana ka matla ho setho sa Lekgotla la Phethahatso ho etsa mosebetsi oo Letona ke Molao ona.
Setho sa Lekgotla la Phethahatso sa provense se ikarabellang ditabeng tsa thekolohelo ka hara provense se ka-
a fana ka matla a boemedi ho mohlanka ofe kapa ofe wa tsamaiso ya provense e amehang matla afe kapa afe a hlahellang tlasa karolwana ya 2;
b fana ka matla ho mohlanka ya jwalo ho phetha mosebetsi le ha e le ofe, oo setho seo se fuweng matla a ho o etsa tlasa karolwana ya 2
a fana ho mohlanka ofe kapa ofe e mong wa Lefapha matla afe kapa afe a fuweng Molaodi Kakaretso ke Molao ona;
b fana ka matla a jwalo ho mohlanka ya jwalo ho phetha mosebetsi ofe kapa ofe o nehuweng Molaodi Kakaretso tlasa Molao ona.
Molaodi Kakaretso, ka tumellano le Molaodi Kakaretso wa tsamaiso ya provense karolong ena ya tlang ho bitswa ?Molaodi Kakaretso wa provense a ka-
a fana ka matla ho Molaodi Kakaretso eo matla afe kapa afe a fuweng Molaodi Kakaretso ke Molao ona;
b fana ka matla hore Molaodi Kakaretso wa provense a phethe mosebetsi o fuweng Molaodi Kakaretso ke Molao ona;
Molaodi Kakaretso wa Provense a ka-
a fana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe wa tsamaiso ya provense matla afe kapa afe a fuweng yena tlasa karolwana ya 5;
b a fana ka matla hore mohlanka ya jwalo a phethe mosebetsi ofe kapa ofe, oo yena a fuweng matla wa ho o phetha tlasa karolwana ya 5.
Motho ofe kapa ofe ya fuweng matla kapa ya fuweng matla a ho phetha mosebetsi tlasa karolwana ena, o lokela ho sebedisa malta a jwalo kapa ho phetha mosebetsi oo a ikamahantse le dipehelo tseo motho ya mo fileng matla a boneng ho le molemo ho mo fa tsona.
Phano yohle ka matla a boemedi kapa matla a ho phetha mosebetsi e lokela ho-
a e ngolwe fatshe;
b e se thibele motho ya fuweng matla kapa a boemedi kapa matla a ho etsa kapa ho phetha mosebetsi oo ka boyena;
c e ka hulwa neng kapa neng ka lengolo ke motho eo.
Dikotlo
Ka ntle le dipehelo tsa molao ofe kapa ofe, motho ofe kapa ofe ya-
a tlolang thibelo, pehelo, tshwanelo kapa taelo eo a e fuwang ho latela Molao ona; kapa b ya hlolehang ho ikamahanya le dipehelo tsa Molao ona, o molato wa ho tlola molao mme a ka lefiswa kapa a kwallwa dikgwedi tse sa feteng 12, kapa bobedi tefiso le ho kwallwa ho jwalo.
Melawana
Letona le ka etsa melawana e mabapi le-
a ntlha efe kapa efe e ka hlokehang kapa ho batlehe hore e etswe ho latela Molao ona;
b mofuta ofe kapa ofe foromo ya kopo, matla, setifikeiti, tumello, tsebiso, taelo, rejistara, mokgwa wa tshebetso kapa supina o etswang kapa o ka etswang, fanwang, fuwang, ntshuwang, bolokwang ho latela Molao ona, le mofuta ofe kapa ofe wa foromo o ka hlokehang ho tsamaisweng ha dipehelo tsa Molao ona;
c mekgwa ya tshebetso e lokelang ho latelwa le dipehelo tse ka behwang mabapi le ngodiso ya dibaka, le bonyane maemo ao dibaka tse jwalo di lokelang ho ikamahanya le ona;
d dibuka, diakhaonte le difejistara tse lokelang ho bolokwa ke batsamaisi ba dibaka tseo, mokgwa oo ka ona dibuka, diakhaonte le direjistara tse jwalo di lokelang ho ho bolokwa ka ona le ho sejetswa, le kuno le dipehe;o tse lokelang ho fanwa mabapi le dibaka tse jwalo;
e direkoto tse lokelang ho bolokwa ke motho ofe kapa ofe ya hlokomelang kapa ya fanang ka bodulo bakeng sa tefo, e leng ka tjhelete kapa thepa, motho ofe kapa ofe ya hodileng kapa ya fokolang sebakeng sefe kapa sefe ntle le se lokiseditsweng hona;
f mehato-
i ho thibela, ho lwantsha le ho sebetsana le tlhekefetso ya batho ba hodileng;
ii tse tla nkelwa ho ntshetsapele batho ba seng maemong a matle ka lebaka la kgethollo;
iii ho kgothalletsa ditokelo tsa baahi ba dibaka tseo;
g sebopeho le dikahare tsa maemo a ditumellano ka tshebeletso pakeng tsa badudi le komiti ya badudi sebakeng tsa bodulo;
h bonyane maemo a makae;
i bonyane ditlwaelo le maemo bakeng sa kamohelo ha batho dibakeng tsa bodulo;
j dipehelo tsa tshebediso ya dithuso;
k mofuta, mokgwa oo lengolo la ho bitsetsa kgotla le hlahellang karolong ya 18 le lokelang ho ntshuwa ka ona;
l maemo a ditshebeletso;
m ho thehwa ha dikomiti tsa badudi le ho kgethwa ha tsona, ho thonya le ho lokela ha ditho ho ba ditho tsa komiti tsa badudi;
n maemo a ditshebeletso tsa tlhokomelo ya setjhaba;
o poloko ya direjistara ho latela karolo ya 19; le p ka kakaretso, ntlha efe kapa efe eo letona le nahanang e le ya bohlokwa kapa e tatisehile ho etsa molawana hore ho fihlellwe dipheyo tsa Molao ona.
Molawana ofe kapa ofe o entsweng ho latela karolwana ya 1 o amang Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa o tla lokela ho etswa kamora therisano le Letona la Polokeho le Tshireletso.
Molawana ofe kapa ofe o entsweng ho latela karolwana ya 1 o sebetsanang le boholo kapa boleng ba ditshebeletso le ditshehetso ka mokgwa wa ho lokela ha ditshebeletso o lokela ho etswa ka tumellano le Letona la tsa Ditjhelete.
Ho hlakolwa ha melao
Molao wa Batho ba Hodileng, wa 1967 o hlakotswe moo e leng hore o mabapi le dipehelo tse sa kang tsa fuwa batho ba loketseng ka hara tshebetso ya toka ya mmuso wa provense ho latela Phatlalatso ya Nomoro ya R.7 ya 1996.
Molao o Lokisitsweng wa Batho ba Hodileng, wa 1998 o hlakotswe.
Ntho efe kapa efe e entsweng kapa e bonahetseng e entswe tlasa pehelo ya Molao o hlakotsweng ke dikarolwana tsa 1 le 2 mme di ka etswa tlasa dipehelo tse behuweng qetellong, le ntlha efe kapa efe e qadilweng tlasa pehelo e jwalo e hlakotsweng, e lokela ho hlakolwa jwalo ka ha eka dipehelo tseo ha di a hlakolwa, ntle le ha Letona le ka fana ka dipehelo tse ding.
Sehloho se sekgutshwane le qalo
Molao ona o bitswa Molao wa Batho ba Hodileng, 2003 mme o qala ho sebetsa ka tsatsi leo Mopresidente a le hlalositseng ka phatlalatso Lesedinyaneng la Mmuso.
Matsatsi a fapaneng a tla lokela ho behwa ho latela dipehelo tse fapaneng tsa Molao ona.
KUTLWISISANO KA DIKATENG TSA BILI YA BATHO BA HODILENG
DIKATENG
Ho hola e lokela ho ba nako eo phehiso ya motho setjhabeng e ananelwang le ho tlotlwa. Dibakeng tse futsanehileng batho ba hodileng ba ba le phehiso e tlotlehang malepeng e le bahlokomedi ba bana, batho ba sa itekanelang le ba angwang le ho tshwaetswa ke HIV le Aids. Bili ena e leka ho boloka le ho eketsa bokgoni ba batho ba hodileng ho itshehetsa le ho kenya letsoho bophelong bo botle ba bao ba ba potapotileng.
Dikateng tsa sehlooho tsa Bili ena ka hona ke-
a ho boloka le ho phahamisa maemo, bophelo, polokeho le tshireletso ya batho ba hodileng;
b ho boloka le ho sireeletsa ditokelo tsa batho ba hodileng e le ba amohedi ba ditshebeletso;
c ho laola ngodiso ya dibaka tsa batho ba hodileng; le d ho thibela tlhekefetso ya batho ba hodileng.
THERISANO
Diboka tsa ditherisano tse mabapi le dipehelo tsa Bili ena di ile tsa tshwarwa ke Komiti ya Lefapha e shebaneng le Ntshetsopele ya Setjhaba, Komiti e Ikgethang ya Ditshebeletso tsa Setjhaba ka hara Lekgotla la Naha la Diprovense, mekgatlo ya naha le dikhansele le mafapha a diprovense a ntshetsopele ya setjhaba. Bongata ba mafapha a naha, a jwalo ka Lefapha la Dipalangwang, Tshireletso le Polokeho, Bophelo bo Botle, Ditaba tsa Kahare ho Naha le Ditaba tsa Metsi a ile a nka karolo dibokeng le ho fana ka phehiso e babatsehang, e ileng ya lebisa ho ralweng ha Bili ena.
MAEMO A DITJHELETE A MMUSO
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le ile la lekola maemo a ditjhelete a ka hlahang ka baka la Bili ya Batho ba Hodileng e rerilweng, le dipehelo tse loketseng tsa ditekanyetso tse tlang ho kenngwa ka hara Lenaneo la Ditjeho tsa Nako e Bohareng.
Setsebi se ile sa thonngwa ho etsa mosebetsi wa ho akanya ditjeho tsa sethatho tsa Bili ka ho batla ho hlwaya kgahlamelo ya ka yona ditjheleteng tsa ka hara mmuso le ya ditekanyetso tsa Bili e lohothwang, se ikamahantse ka:
peho kotsing ya ditjhelete (dipehelo tse ka bakang boitlamo bo bonahalang le bo sa bonahaleng mmusong);
ditjeho tsa tsamaiso le ho bakang ditjeho (mehato e eketsehileng, basebetsi, mekgwa ya tshebetso ya botsamaisi, tsebiso le pehelo jj) le mokgwa wa ho hlophisa wa mokgatlo (Dikomiti tse ntjha, Diyuniti, Mekgatlo jj) boemedi/phano ka matla a ho etsa mosebetsi ho mmuso wa provense/lehae.
Pehelo ka sena e a fumaneha.
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le qadile ka nako e le nngwe ho sheba ditjeho tsa Bili tse reretsweng:
Ho hlahloba ditjheo tsa setjhaba le melemo ya Bili;
Ho hlwaya ditjeho tsa poraefete tse tobileng tsa Bili (k.h.r. ditjeho dife kapa dife tse tobileng tseo Bili e di lebisang bathong ba poraefete kapa mekgatlo);
Ho utlwisisa le ho hlahlobisisa kgahlamelo e felletseng ya ditjhelete le ditekanyetso tsa Bili.
Kakaretso ya tse bakang ditjeho e ka mokgwa o latelang:
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba
Ditjeho tsa ditshebeletso tsa motheo
Ho thehwa le ho sebediswa ha rejistara ya dibaka tsa batho ba hodileng.
Ho thehwa le ho sebediswa ha rejistara ya batho ba sa lokelang ho fana ka tlhokomelo bathong ba hodileng.
Tefo ya ditshehetso mekgatlong e nang le seabo ho faneng ka sebaka le ditshebeletso bathong ba hodileng.
Kgahlamelo ya ditjhelete ka hara mmuso
Lekala la Toka
Boikarabelo bo amanang le ho etswa ha dipatlisiso.
Lekala la Bophelo bo Botle
Phano ka tshehetso ya ditjhelete bakeng la ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle
Ho arabela diqeto tse entsweng mabapi le batho ba hodileng ba hlokang tlhokomkelo.
TSHEBETSO YA PALAMENTE
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le Baeletsi ba Molao ba Mmuso ba na le maikutlo a hore Bili ena e lokela ho sejetswa ke Palamente ho latela mekgwa ya tshebetso e behuweng ke karolo ya 76 ya Molao wa Motheo.
